MAANO A MOTHEO MABAPI LE BOLWANED    BA TOKOLOHO YA PUSO KA SETJHABA [TEMOKERASI]                             

DINTLHA  MABAPI LE TOKOLOHO

 

Ditokelo tsa botho . Ntlha ya pele, ho na le boitlami mabapi le metheo ya ditokelo tsa botho. Metheo ya ditokelo tsa botho, mohlala, ke ditokelo tsa seriti sa botho, bophelo, tokoloho bokgobeng, tokoloho bodumeding, tokoloho tumelong, tokoloho ya ho  bua, tokoloho ya dikamano jwalo jwalo. E nngwe  le e nngwe ya ditokelo tsena tsa botho ho dula ho phehisanwa ka yona ka dinako tsohle hore ho etswe qeto ya hore di bolelang: tokelo ya motho ya ho ba le tokoloho bokgobeng ke tokelo e ke keng ya nyenyefatswa. Empa jwale tokelo  ya ho bua? Mohlala o tsebahalang haholo o ke keng wa nyenyefatswa mona ke hore ha ho motho ya ka dumellang batho ho hoeletsa molelo “ ho bona “ letshweleng le sethaleng empa ho se molelo.

Ho etsa jwalo ho ka bakela batho matswalo mme ba tswa dikotsi ha ba leka ho balehela ka ntle. Le ha ho le jwalo, baemedi ba tokoloho hangata ba kgahlonong haholo le nyenyefatso ya bolokolohi ba ho  bua kapa thibelo ya ho etsa hoo, hobane ho sebediswa haholo ke mebuso ho hatella batho le maikutlo a bona a fapaneng le seo mmuso o batlang hore batho ba se dumele kapa ba se bolele.

Tekatekano

Se bohlokwa haholo hara ditokelo tsa botho ke tokelo ya tekatekano. Jwalo ka ditokelo tsa motheo, ho na le phehisano e itseng mabapi le hore hantlentle tekatekano e bolelang. Balwanedi ba tokoloho ba tla dumela hore tekatekano e bolela hore ho ke ke ha e ba le kgethollo. Makgotleng a molao, mohlala, ho ke ke ha e ba le kgethollo mabapi le, merabe  ( o motsho  kapa o mosweu ) kapa kgethollo ya bong ( monna  kapa mosadi ) kapa kgethollo ya bodumedi ( mokreste kapa momoselemo ). Ho ntse ho na le dibaka tse ding moo ha re fana ka mohlala, seo mosadi a se buwang ka lekgotleng la dinyewe se sa mamelweng ka botlalo jwalo ka  se buuwang ke monna. Sena se bontsha ho se tshwarwe ka ho lekana. Empa na tekatekano e boetse e bolela hore motho e mong le e mong o lokela ho fumana moputso o lekanang le wa e mong kapa hona ho dula ntlong e tshwanang le ya e mong?  Balwanedi ba tokoloho ba ka re, tjhee, empa ba ka batla hore batho bohle ba be le menyetla e lekanang ho ntlafatsa maphelo a bona ka hoo he toboketso e ho ntlafatso  ya maemo a thuto bakeng sa Maaforika Borwa ohle. Balwanedi ba tokoloho ka bokgutshwanyane ba dumela tabeng ya teketekano  pela molao le tekatekano ya menyetla.

Molao wa Puso

Boitlami bona ba motheo ba ditokelo tsa botho bo tsamaya mmoho le boitlami ba bolokolohi ba molao wa puso. Molao wa puso ke setlamo sa polokeho kgahlanong le tshebediso ya maikutlo a kgatello e hlokang  mabaka e bakwang ke ho ba le matla a ho etsa jwalo ke ba ka sehloohong.

Lekgotleng la molao, mohlala, moahlodi o lokela ho ba le nnete ya ho hloka leeme mme e be motho osele ho motjhotjhisi ( ka mantswe a mang , e ke ke ya ba sebapadi le moletsaphala ka nako e le nngwe ). Motho e mong le e mong, ho kenyelletswa le mmuso, o lokela ho ba le matla a tekatekano pela molao - ho sa kgathalletsehe hore ke bomang. Motho e mong le e mong ya qoseditsweng botlokotsebe o lokela ho bolellwa hantle hore o qoseditswe tlolo efe ya molao e le hore a tle a tsebe ho itshireletsa.

Motho e mong le e mong o nkuwa a se molato hofihlela ho ba le bopaki bo bontshang hore efela a le molato. Baahlodi ba lokela ho ikemela, ke hore mmuso wa motho e mong le e mong ha o a lokela ho ba bolella hore ba etse jwang, kapa hona ho dula o ba tshosa ka dinako tsohle. Diqeto tsa makgotla a molao di lokela ho tshwana, ke hore dinyewe tse tshwanang di lokela ho ba le diphetho tse tshwanang. Ka bokgutshwanyane, ho lokela hore ho be le nnete le mokgwa wa  ka moo batho ba tshwarwang  kateng ke ba ka sehloohong.

Tsena tsohle di tsamaya mmoho le tumelo ya balwanedi ba tokoloho ya hore puso le mmuso di sebetse ho latela molao le hore  maano a motheo a mang ke a ke keng a fetolwa le ha mmuso o ka rata ho a fetola, ( mohlala, ditokelo tsa seriti sa botho ). Maano a jwalo a motheo a atisa, empa e seng hangata, ho ngolwa molaotheong wa naha.

Bolokolohi ba motho ka mong

Motheo wa tumalo ena ke bohlokwa boo balwanedi  ba tokoloho ba bo amahanyang le motho ka mong le ditokelo tsa hae le boikarabello ba hae. Motho e mong le e mong o bohlokwa. Balwanedi  ba tokoloho ba dumela hore batho ba lokela ho iketsetsa diqeto ka bobona mme ba se ke ba bolellwa hore ba etse eng ka dinako tsohle. Ba lokela ho ba le bolokolohi ba ho etella maphelo a bona  pele ka  moo bona ba batlang, ntle le haeba ka ho etsa jwalo ha ba sitisi  bolokolohi ba batho ba bang. Ka mantswe a mang, tokelo ya hao ya ho akga matsoho a hao ka bolokolohi e fella moo o qalang ho otla motho e mong ka ona.

Tumelo ena tokolohong ya motho ka mong e bolela melawana yohle e seng e ngotswe. Hodima moo, bolwanedi ba tokoloho bo hloka mamellano ya maikutlo a fapaneng, mme se thata ka ho fetisisa tsohle, ke maikutlo a fapaneng le a rona. Mongodi ya tsebahalang o kile a re; “ Ke hanana le seo o se bolelang, empa ke tla hlompha tokelo ya hao ya ho bua jwalo ho  isa lefung.”

Thepa ya poraefete le bolokolohi

Balwanedi  ba tokoloho ba nka taba ya bolokolohi ba motho ka mong le ditokelo tsa motho ka mong ho ya ka boemo ba moruo ( ikonomi ). Hantle ntle, qalehong, tabeng ya ditokelo tsa thepa e ne e le ona motheo wa tokoloho ya motho ka mong le ditokelo tsa hae. Tabeng ya pele, ho na le molawana o reng batho ba ka ithuela thepa eo e leng ya bona. Motheong wa molawana ona, sena se bolela hore motho ka mong o lokela ho ruwa boyena ba hae mme ka hoo a ke ke a ruuwa ke motho e mong, ke hore ha ho motho eo e leng lekgoba. Motho ya nag le bolokolohi bo jwalo a ka kgona ho ruwa thepa e nngwe: diaparo, dibuka, fenetjhara, mobu, matlo, makoloi le ha e le maikutlo a itseng, ao a ka bitswang thepa ya kelello.

Tabeng ya bobedi, beng  ba thepa ba lokela ho kopana mmoho ka kgotso mme ba rekise thepa ya bona le ho reka thepa ya batho ba bang ka bolokolohi. Balwanedi ba tokoloho ba kgolwa  hore mmuso o lokela ho kenekenana le tokoloho ya mebaraka hanyane ka moo ho ka kgonehang  kateng. Sena se tsamaelana le kgolo ya hore motho e mong le e mong o na le bokgoni  ba bolokolohi mesebetsing e meng le e meng ya moruo ( ekonomi ) - mmuso ha o a lokela ho mpolella hore ke etse mosebetsi  ofe  kapa ofe, ke lokela ho ithutela lekala lefe kapa lefe kapa ho qala le ho kwala kgwebo. Ke lokela ho dumellwa ho etsa seo nna ke nahanang  hore nka se etsa ho latela bokgoni boo ke nang le bona. Balwanedi ba tokoloho  ba botsa batho hore ba na le bolokolohi  bo bokae, haeba ba sa kgone  ho iketsetsa  mefuta ena ya diqeto ka bobona. Sena se tsamaelana le dintlha tse boletsweng  mabapi le bolokolohi ba motho ka mong, hobane bo hloka phapanyetsano e lokolohileng ya kelello le maikutlo.

Tabeng  ya boraro, balwanedi  ba bangata ba tokoloho ba na le kgwao mabapi le hore mmuso o lokela ho ba kgwebong ka hohlehohle: dikhamphani tseo e leng tsa mmuso jwalo ka difofane, diterene, ditshebeletso tsa metsi le motlakase hangata di na le tahlehelo e ngata mme ho sebediswa lekgetho le tswang setjhabeng  hore di ka bolokwa di fana ka ditshebeletso. Ho tshwana le, dikhamphani  tseo e leng tsa mmuso tse lefisang setjhaba ditefello tse hodimo ho feta dikhamphani tsa poraefete, tse lokelang ho phehisana bakeng sa kgwebo le bareki.  Batho bohle lefatshe ka bophara ba tshehetsa maikutlo a balwanedi  ba tokoloho hore phehisano ke yona e bohlokwa bakeng sa ditshebeletso tse ntle le ditefello ( hobane ha ditshebeletso di laolwa ke mekgatlo ya poraefete le ka mokgwa wa phehisano, mohlala, ditefello tsa melaetsa ya difonofono ho ya Dinaheng tse kopaneng ( United States ) ke tsa mahala.

Tabeng  ya bone, balwanedi ba tokoloho ba amohela hore ha ho na tekatekano ditabeng  tsa mebaraka. Tumelong ya hore keketsong ya tekatekano ya menyetla balwanedi ba tokoloho ka hoo, ha ba batle ho fedisa  mebaraka; sepheo sa bona ke ho dumella batho ho ba karolo ya mebaraka le ho fumana melemo ho tswa ho yona. Ba batla ho fedisa leano le sebediswang la batho ba sebetsang  mmusong ba lefuwa meputso empa ba sa kgethwa ke setjhaba le ha dipolotike di ka fetoha, bona ba dula ditulo tsa bona jwalo ka tlwaelo. Ba batla le ho thibela meedi le dithibelo tse sa hlokahaleng mahlong a batho, mme ba fane ka boemo bo tla ba molemo ba thuto le kwetliso le ho fana ka ditaba/dintlha tse tlang  ho ba bonolo ho batho  ho ba le seabo mebarakeng.

Puso ka puso ya setjhaba ( Temokerasi ) ho ya ka Balwanedi ba tokoloho

Ho bua nnete feela, temokerasi ha se e nngwe ya bohlokwa dintlheng tsa bohlokwa  tsa tokoloho, empa ho tlatseletsa dintlha tseo, temokerasi e ba mokgwa o mong wa sepolitike oo ka ona bohlokwa  bona bo ka bang teng. Ho toba  taba ka ho otloloha: balwanedi ba tokoloho ba na le kgolo ya hore ke temokerasi  ya tokoloho, e seng  temokerasi  ya “ batho ba le bang “ e batlehang. Ha ho a lekana bakeng sa temokerasi  ya tokoloho ho ba feela le dikgetho tse bang teng kgafetsa, haeba e le hore ke mokgatlo o le mong feela o kgethwang ka mehla, kapa haeba divoutu tse ngata tsa mmuso o ntseng o na le matla a puso o tshepisang  ho bolaya ditho tsa mekgatlo e meng kapa sehlopha se seng, kapa hore baahi bohle ba dilemo tse itseng feela e be bona ba dumellwang ho vouta. Temokerasi ya tokoloho e batla dikgetho tse nang le nnete tse lokolohileng, tse tshwarwang  kgafetsa tseo ho tsona baahi bohle ( ba dilemo tse 18 ho ya hodimo ) ba dumellwang  ho vouta - empa hodima moo, e batla dintlha tsohle tsa bohlokwa tse hlalositsweng mona: boitlamo  motheong wa ditokelo tsa botho, teketekano, molao wa puso, tokoloho ya motho ka mong le thepa ya poraefete hammoho le mebaraka e bolokehileng.

Ntlha e nngwe ya bohlokwa  ya temokerasi ya tokoloho, ke se bitswang “karohano ya matla “. Sena se bolela hore ho na le sehlopha se itseng feela sa batho seo e leng sona se nang le matla a ho etsa melao ( palamenteng ). Sehlopha se seng se na le matla a ho kenya melao eo tshebetsong ( mmuso kapa lekgotla la ketsamelao ) sehlopha sa boraro ( makgotla a dinyewe ) a nang le matla a ho ahlola dikgohlano le ho se utlwane ho ka hlahang melaong ena. Baemedi ba tokoloho ba na le kgolo ya hore dihlopha  tsena tsena tse nang le matla ha di a lokela ho ba matsohong a   batho ba le bang  hobane sena se ka baka hore dihlopha  tsena di sebedise matla ao di nang le ona hampe ka mokgwa o manyofonyofo. Ka ho boloka dihlopha tsena di arohane, dihlopha tsena tsohle ( palamente, lekgotla la ketsamelao, le makgotla a dinyewe ), di lokela ho hlahlobana le ho etsa hore di tshehetsane ka botsona.

Ho na le dintlha tse ding tse mabapi le tokoloho tse bohlokwahlokwa. Dinakong tsa tokoloho, mohlala, kutlwelobohloko e bohlokwa  tokolohong. Balwanedi ba bangata ba tokoloho ba na le kgolo ya hore  bohlokwa bona le bo bong boo e bang  bo teng  bo latellana ka mokgwa o iketsahallang feela  ka tumelo ya metheo ya ditokelo tsa botho le bolokolohi boo motho e mong le e mong a nang le bona.

E seng jwalo ka ditumelo tsa mekgatlo e meng ya sepolotike, mokgatlo wa tokoloho ha o ikgakanye  o le o “tebileng “ oo motho a ka reng o metha hore o “loile” hakae  mabapi le tokoloho. Bolokolohi ke tumelo e hlokang botsitso, e ikamahanyang le ho dumela hore dintho di lokela ho sebetswa ho latela ka moo di leng kateng kapa ka moo di etsahalang kateng, le ho fana ka tharollo mathateng a mehla ya kajeno. Temokerasi  ya bolokolohi ke tiisetso e nepahetseng e sebediswang  kgahlanong le tshebediso e mpe ya matla le manyofonyofo a tsamaelanang le tshebediso ya mofuta oo.

 

-INDEX- -About us- -Country Offices- -News Archive- -Media- -Books-

 -Liberal Partners- -Liberal Thinkers- -Specials- -Contact-

Copyright © 2004 Friedrich Naumann Foundation Africa
These articles may be republished without prior consent but with acknowledgement.

The Friedrich Naumann Foundation can not be held  responsible for the content found on external links